BIBELE e Halalelang

2 Marena 10:28-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Jehu a timeletsa Baale jwalo Iseraeleng.

29. Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.

30. Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.

31. Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.

32. Mohlang oo, Jehova a qala ho fokotsa naha ya Iseraele. Hasaele a ba hlola meeding yohle ya Iseraele.

33. A hapa naha yohle ya Gileade, e nqa botjhabatsatsi ho Jordane, e leng naha ya Bagade, le Barubene, le Bamanasse, ho tswa Aroere e nokeng ya Arnone, ho isa Gileade le Bashane.

34. Haele taba tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae wohle, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

35. Jehu a orohela ho bontatae, a patwa Samaria; mme Joakase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

36. Matsatsi ao Jehu a busitseng Iseraele ka wona, a le Samaria, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.