BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 9:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; haele silefera, ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.

21. Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

22. Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe jwalo ka moeno le ka bohlale.

23. Marena wohle a lefatshe a ne a etela Salomone ho tla mamela bohlale boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.

24. E mong le e mong o ne a tlisa nyehelo ya hae ya dipitsa tsa silefera le ya dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimulete, ka selemo se seng le se seng.

25. Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse nne tsa dipere tsa makoloi, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi; o ne a ba beile metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.

26. O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.

27. Morena a etsa hore Jerusalema silefera e be jwaloka majwe, le dikedare di be jwaloka disikomora tse dithoteng, kamoo di neng di le ngata kateng.

28. Haele dipere tsa Salomone, di ne di ya latwa Egepeta le mafatsheng wohle a mang.

29. Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?

30. Salomone a busa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema.

31. Salomone a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida ntatae; mme Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.