BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 9:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Hape, morena Salomone a etsa mekoko e makgolo a mabedi ya kgauta e teilweng, mokoko o mong le o mong wa etswa ka dishekele tse makgolo a tsheletseng tsa kgauta e teilweng;

16. a etsa le dithebe tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng, thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka dishekele tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng; mme morena a di bea tlung ya Moru wa Lebanone.

17. A ntoo etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.

18. Terone e ne e na le methatinyana e tsheletseng le bonamelo ba maoto ba kgauta bo tshwaraneng le terone; e ne e na le matsoho ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.

19. Hape, ho ne ho le ditau tse leshome le metso e mmedi tse emeng hona teng, methatinyaneng e tsheletseng, ka nqa tse pedi ho yona. Ha ho a ka ha etswa ntho e jwalo mmusong ofe le ofe.

20. Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; haele silefera, ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.

21. Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

22. Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe jwalo ka moeno le ka bohlale.

23. Marena wohle a lefatshe a ne a etela Salomone ho tla mamela bohlale boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.