BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 9:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ka difate tsa almuge, morena a etsa methatinyana ya ho nyolohela tlung ya Jehova le tlung ya morena, le diharepa le diviole tsa dibini. Fate tse kalo di ne di eso ho bonwe le pele lefatsheng la Juda.

12. Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, ho feta tseo a neng a di tliseditse morena. Yaba o a tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.

13. Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se le seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng;

14. ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, kapa ke barekisi ba rekisang ka yona; le marena wohle a Arabia le babusisi ba naha ya hae ba ne ba tlisetsa Salomone kgauta le silefera.

15. Hape, morena Salomone a etsa mekoko e makgolo a mabedi ya kgauta e teilweng, mokoko o mong le o mong wa etswa ka dishekele tse makgolo a tsheletseng tsa kgauta e teilweng;

16. a etsa le dithebe tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng, thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka dishekele tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng; mme morena a di bea tlung ya Moru wa Lebanone.

17. A ntoo etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.

18. Terone e ne e na le methatinyana e tsheletseng le bonamelo ba maoto ba kgauta bo tshwaraneng le terone; e ne e na le matsoho ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.