BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 9:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mofumahadi wa Sheba eitse ha a utlwa botumo ba Salomone, a tla Jerusalema, ho leka Salomone ka dilotho, a ena le letshwele le leholo haholo le dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata le mahakwe a bohlokwa. A fihla ho Salomone, mme a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.

2. Salomone a mo araba dipotsong tsa hae tshole, ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang Salomone, kapa eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.

3. Eitse hobane mofumahadi wa Sheba a bone bohlale ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,

4. le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa tsebeletso ya bahlanka ba hae, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae le diaparo tsa bona, le methatinyana ya hae eo ho neng ho nyolohelwa tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,

5. mme a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa diketso tsa hao le bohlale ba hao e ne e le nnete.

6. Empa ha ke a ka ka dumela dipolelo tsa bona ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; mme bona, ke ne ke sa ka ka bolellwa le karolonyana ya boholo ba bohlale ba hao; tsa hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.

7. Ba lehlohonolo, batho ba hao! Ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!

8. A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.

9. Yaba o nea morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho bonwa le ka mohla o le mong dibano tse ka ka tseo mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.

10. Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Salomone ba neng ba lata kgauta Ofire, ba tlisa le difate tsa almuge le mahakwe a bohlokwa.