BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 7:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!

4. Yaba morena le setjhaba kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.

5. Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.

6. Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.

7. Salomone a kgetha sebaka mahareng a lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa ditjheso le mafura a mahlabelo a teboho, hobane aletare ya koporo e entsweng ke yena Salomone, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura.

8. Mohlang oo, Salomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng, a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata, ho tloha pela Hamathe, ho tlisa molapong wa Egepeta.

9. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng.

10. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.

11. Salomone a phetha ntlo ya Jehova jwalo le ntlo ya morena; Salomone a phetha le tsohle tseo a neng a lakaditse ho di etsa tlung ya Jehova le tlung ya hae.

12. Jehova a iponahatsa ho Salomone ka bosiu, a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bile ke ikgethetse nqalo ena hore e be ntlo ya mahlabelo.

13. Ha nka thiba mahodimo hore pula e se ne, leha nka laela tsie ho senya lefatshe, leha nka romela lefu la sewa tjhabeng sa ka,

14. ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.

15. Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.