BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 7:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ha nka thiba mahodimo hore pula e se ne, leha nka laela tsie ho senya lefatshe, leha nka romela lefu la sewa tjhabeng sa ka,

14. ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.

15. Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.

16. Etswe jwale ke kgethile, ke bile ke halaleditse ntlo ena, hore ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla, mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.

17. Haele wena, ekare ha o ka tsamaya pela ka jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, wa etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, wa boloka dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka,

18. ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao ka ho ya ka selekane seo ke se tlabotseng le ntatao Davida, ka re ho yena: Ha o ka ke wa hloka motho ya busang Iseraele.

19. Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,

20. ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:

21. mme ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?

22. Mme ho tla thoe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse; ke kahoo a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.