BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 7:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;

2. baprista ba ba ba sitwa ho kena tlung ya Jehova, hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.

3. Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!

4. Yaba morena le setjhaba kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.

5. Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.

6. Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.

7. Salomone a kgetha sebaka mahareng a lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa ditjheso le mafura a mahlabelo a teboho, hobane aletare ya koporo e entsweng ke yena Salomone, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura.

8. Mohlang oo, Salomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng, a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata, ho tloha pela Hamathe, ho tlisa molapong wa Egepeta.

9. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng.

10. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.