BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 6:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. E ne e le kgopolo ya ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;

8. Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao, ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;

9. leha ho le jwalo, hase wena o tla haha ntlo; empa mora hao ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.

10. Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng; hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse; ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;

11. ke beile areka teng, moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bana ba Iseraele.

12. Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.

13. Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,

14. a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona!

15. O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o buile le ka molomo wa hao, o phethile polelo ya hao ka letsoho la hao, jwalokaha ho le kajeno.

16. Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.

17. Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!

18. Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!

19. Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa ka, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae; mamela mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a e beang nqalong ena;

20. le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.