BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 6:30-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,

31. hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona, mme ba tsamaye ditseleng tsa hao.

32. Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao le leholo, le ka baka la letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng, ha a ka tla, a rapela a tadimile nqa tlung ena;

33. o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, mme di tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa hodima ntlo ena ke e hahileng.

34. Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, se ya ka tsela eo o tla se roma ka yona, mme se rapela, se tadimile nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,

35. o mamele thapelo ya sona le kopo ya sona, o le mahodimong, mme o se emele nyeweng ya sona.

36. Mohla ba o sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, ha o ba halefetse, o bile o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong naheng ya dira kapa e leng e hole, kapa e leng e haufi;

37. ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, mme ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya kgoleho, ba re: Re o sitetswe, re entse hampe, re sebile;

38. ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela, ba tadimile nqa lefatsheng la bona leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,

39. o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona, mme u tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.

40. Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!

41. Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.