BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 6:2-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.

3. Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;

4. a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae ho ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse.