BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 6:16-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.

17. Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!

18. Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!

19. Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa ka, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae; mamela mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a e beang nqalong ena;

20. le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.

21. Mamela dikopo tsa mohanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o mamele, o be o tshwarele.

22. Etlere motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano hore a ikane, ha a etla hore a ikane pela aletare ya hao,

23. o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hlooho ya hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.

24. Mohla setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwang ke dira tsa sona, kahobane se o sitetswe, ha se ka kgutlela ho wena, sa rorisa lebitso la hao, sa rapela, sa kopa ho wena tlung ena,

25. o ke o mamele o le mahodimong, o leballe setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng sona le bontata sona.

26. Mohla mahodimo a thibaneng, pula e sa ne, kahobane ba o sitetswe, ha ba rapela ba lebile nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,

27. o ke o mamele o le mahodimong, o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, mme o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, ho ba lefa la sona.

28. Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,

29. mohlang oo, leha e ka ba mang le mang, hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la hae le bohloko ba hae, mme a otlolella nqa tlung ena matsoho a hae, o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao,

30. o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,

31. hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona, mme ba tsamaye ditseleng tsa hao.