BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 6:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Salomone o re: Jehova o itse, o tla aha lefifing le reng tsho!

2. Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.

3. Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;

4. a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae ho ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse.

5. Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;