BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 5:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.

8. Hobane dikerubime di ne di otlolletse mapheo a tsona hodima areka, dikerubime di sireleditse areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.

9. Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.

10. Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi a neng a beilwe ho yona ke Moshe ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba sa tswa tloha Egepeta.

11. Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, hobane baprista bohle ba neng ba le teng ba ne ba itlhwekisitse, e seng ka ho ya ka dihlopha tsa bona,

12. le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;

13. ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;