BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 5:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.

2. Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.

3. Le bona banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena ka mokete, e le ka kgwedi ya bosupa.

4. Eitse hobane baholo bohle ba Iseraele ba fihle, Balevi ba jara areka,

5. mme ba tlisa areka le tente ya pokano le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng; ya tliswa ke baprista le Balevi.

6. Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e le ba neng ba memilwe ho tla ho yena, ba ema pela areka, ba hlaba dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa le ho balwa ka baka la bongata ba tsona.

7. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.

8. Hobane dikerubime di ne di otlolletse mapheo a tsona hodima areka, dikerubime di sireleditse areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.

9. Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.

10. Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi a neng a beilwe ho yona ke Moshe ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba sa tswa tloha Egepeta.

11. Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, hobane baprista bohle ba neng ba le teng ba ne ba itlhwekisitse, e seng ka ho ya ka dihlopha tsa bona,