BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 36:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Haele ditaba tse ding tsa Jojakime, le manyala a entsweng ke yena, le tse fumanweng ho yena, bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda. Mme Jojakine, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

9. Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo tse nang le ditshiu tse leshome Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

10. Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.

11. Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema.

12. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae; ha a ka a ikokobetsa pela Jeremia moporofeta eo mantswe a hae a neng a etswa molomong wa Jehova.

13. Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.

14. Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.

15. Jehova, Modimo wa bontata bona, a nna a romela ho bona ka manqosa a hae, a nna a a roma e sa le hosasa, hobane a ne a utlwela setjhaba sa hae le bodulo ba hae bohloko.

16. Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.

17. Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.

18. Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.