BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 36:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda sa nka Joakase, mora Josiase, sa mmea morena tulong tsa ntatae Jerusalema.

2. Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema.

3. Morena wa Egepeta a mo tlosa boreneng Jerusalema, a tlana naha ya Juda hore e ntshe tefo ya ditalenta tse lekgolo tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.

4. Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta.

5. Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.

6. Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona.

7. Nebukadnesare a isa mesebetsi e meng ya ntlo ya Jehova Babilona, mme a e bea tlung ya hae ya moreneng Babilona.

8. Haele ditaba tse ding tsa Jojakime, le manyala a entsweng ke yena, le tse fumanweng ho yena, bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda. Mme Jojakine, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

9. Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo tse nang le ditshiu tse leshome Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.