BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 33:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.

6. A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.

7. Hape, a emisa setshwantsho se betlilweng, setshwantsho se entsweng ke yena, ka tlung ya Modimo, eo Modimo o neng o e boleletse Davida le Salomone, mora hae, ka ho re: Ke tla bea lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena, le motseng wa Jerusalema oo ke o kgethileng melokong yohle ya Iseraele;

8. nke ke ka hlola ke tlosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka boloka le ho etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ka molao wohle, le dikomelo, le ditaelo tse beilweng ke Moshe.

9. Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.

10. Mme Jehova a bua le Manasse le setjhaba sa hae, empa ha ba ka ba mo ela hloko.

11. Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.

12. Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.

13. A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.