BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 33:17-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Leha ho le jwalo, setjhaba sa nna sa hlaba mahlabelo dinqalong tse diphahameng; empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Modimo wa bona.

18. Haele ditaba tse ding tsa Manasse, le thapelo eo a e beileng ho Modimo wa hae, le mantswe a diboni tse kileng tsa bua le yena ka taelo ya Jehova, Modimo wa Iseraele, bonang, di ngodilwe bukeng ya diketso tsa marena a Iseraele.

19. Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.

20. Manasse a orohela ho bontatae, a patwa ka tlung ya hae, mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

21. Amone o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, a busa lemo tse pedi Jerusalema.

22. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse Manasse, ntatae; Amone a hlabela ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tse neng di entswe ke Manasse ntatae, mahlabelo, mme a di sebeletsa.

23. Ha a ka a ikokobetsa pela Jehova, jwalokaha ho ne ho ikokobeditse Manasse ntatae; haele yena Amone, a nna a atisa melato ya hae.

24. Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.

25. Empa setjhaba sa naha sa bolaya ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa naha sa bea Josiase, mora hae, e be morena tulong tsa hae.