BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 33:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.

14. Kamora tseo, a haha lerako le tsamayang kantle, ka nqa botjhabela ho motse wa Davida, ho leba Gihone, Kgohlong, le ho ya fihla monyakong wa Dihlapi; a teela Ofele hare, a e phahamisetsa hodimo haholo; mme a bea balaodi ba makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane.

15. Yaba o ntsha medimo ya ditjhaba tlung ya Jehova, le setshwantsho, le dialetare tseo a neng a di hahile thabeng ya ntlo ya Jehova le Jerusalema, mme a di lahlela kantle ho motse.

16. A tsosa aletare ya Jehova, a hlabela mahlabelo a teboho le a poko ho yona, mme a laela Bajuda hore ba sebeletse Jehova, Modimo wa Iseraele.

17. Leha ho le jwalo, setjhaba sa nna sa hlaba mahlabelo dinqalong tse diphahameng; empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Modimo wa bona.

18. Haele ditaba tse ding tsa Manasse, le thapelo eo a e beileng ho Modimo wa hae, le mantswe a diboni tse kileng tsa bua le yena ka taelo ya Jehova, Modimo wa Iseraele, bonang, di ngodilwe bukeng ya diketso tsa marena a Iseraele.

19. Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.

20. Manasse a orohela ho bontatae, a patwa ka tlung ya hae, mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.