BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 32:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ipheng matla, le etse ka senna! Se tshoheng, mme le se ke la tepella ka baka la morena wa Assiria, leha e le ka baka la bongata bohle bo ho yena; hobane ya nang le rona o feta ya nang le yena.

8. Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.

9. Kamora tseo, Sankeribe, morena wa Assiria, a re a sa thibeletse Lakishe a ena le makgotla a hae wohle, a romela bahlanka ba hae Jerusalema, ho Esekiase morena wa Juda le ho Bajuda bohle ba Jerusalema, ba re:

10. Ho itswe ke Sankeribe, morena wa Assiria: Le tshepile eng, haele moo le dutse tsietsing Jerusalema?

11. Na Esekiase ha a le thetse, hore a le neele ho shwa ke tlala le ke lenyora, ha a re: Jehova, Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a morena wa Assiria?

12. Na hase yena Esekiase eo, ya fedisitseng dinqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae na? Na ha a ka a laela Bajuda le ba Jerusalema, a re: Le tla kgumama pela aletare e le nngwe, le tjhese dibano ho yona?

13. Hleka ha le tsebe se entsweng ke rona le bontate, ho ditjhaba tsohle tsa mafatshe a mang? Na medimo ya ditjhaba tsa mafatshe ao e tsebile ho namolela dinaha tsa tsona matsohong a ka na?

14. Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?

15. Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!

16. Bahlanka ba hae ba eketsa ho nyefola Jehova Modimo le mohlanka wa hae Esekiase ka mantswe a bona.