BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 32:18-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ba phahamisa mantswe ka puo ya Sejuda, ba howeletsa ho setjhaba sa Jerusalema se neng se eme hodima lerako, hore ba tle ba se tshose, ba se tshabise, ba tle ba nke motse.

19. Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.

20. Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.

21. Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.

22. Jehova a loela Esekiase le ba ahileng Jerusalema jwalo matsohong a Sankeribe morena wa Assiria, le matsohong a bohle, mme a ba sireletsa ka nqa tsohle.

23. Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.

24. Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.

25. Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.

26. Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.

27. Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.

28. A iketsetsa le mediko ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, le dijelo tsa diphoofolo tsa mefuta yohle, le masaka a mehlape ya hae.

29. A ikgahela le metse, le ho ipatlela mehlape e mengata ya makgomo le ya manku; hobane Modimo o ne o mo file maruo a maholo haholo.

30. Hape, Esekiase a kata mohlodi o kahodimo wa metsi a Gihone, a a tsamaisa katlase ka nqa bophirimela ho motse wa Davida. Mme Esekiase a atleha mesebetsing yohle ya hae.

31. Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.

32. Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.

33. Esekiase a orohela ho bontatae, mme a patwa lebitleng le kahodimo la bana ba Davida, mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha ho shweng ha hae; mme Manasse, mora wa hae, ya eba morena tulong tsa hae.