BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 32:12-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Na hase yena Esekiase eo, ya fedisitseng dinqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae na? Na ha a ka a laela Bajuda le ba Jerusalema, a re: Le tla kgumama pela aletare e le nngwe, le tjhese dibano ho yona?

13. Hleka ha le tsebe se entsweng ke rona le bontate, ho ditjhaba tsohle tsa mafatshe a mang? Na medimo ya ditjhaba tsa mafatshe ao e tsebile ho namolela dinaha tsa tsona matsohong a ka na?

14. Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?

15. Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!

16. Bahlanka ba hae ba eketsa ho nyefola Jehova Modimo le mohlanka wa hae Esekiase ka mantswe a bona.

17. A ba a ngola mangolo a hlapaolang Jehova, Modimo wa Iseraele, a mo nyefolang, a reng: Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa mafatshe a mang e sitilwe ho namolela ditjhaba tsa yona matsohong a ka, ka mokgwa o jwalo, Modimo wa Esekiase o tla sitwa ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka.

18. Ba phahamisa mantswe ka puo ya Sejuda, ba howeletsa ho setjhaba sa Jerusalema se neng se eme hodima lerako, hore ba tle ba se tshose, ba se tshabise, ba tle ba nke motse.

19. Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.

20. Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.

21. Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.

22. Jehova a loela Esekiase le ba ahileng Jerusalema jwalo matsohong a Sankeribe morena wa Assiria, le matsohong a bohle, mme a ba sireletsa ka nqa tsohle.

23. Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.

24. Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.

25. Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.

26. Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.

27. Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.