BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 32:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.

2. Eitse ha Esekiase a bona hobane Sankeribe o tla ka morero wa ho futuhela Jerusalema,

3. a rera le mahosana a hae le banna ba hae ba bahale, hore ho katwe mehlodi ya didiba tse kantle ho motse, mme ba mo dumela.

4. Ha hla ha phutheha batho ba bangata, mme ba kata didiba tsohle le molatswana o neng a phalla hare ho naha, ba re: Na marena a Assiria, ekare a sa fihla, a ka hla a fumana metsi a mangata na?

5. A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.

6. A ntoo bea balaodi ba ntwa hodima setjhaba; ba phuthehela ho yena lepatlelong le monyako wa motse, mme a ba kgothatsa, a re:

7. Ipheng matla, le etse ka senna! Se tshoheng, mme le se ke la tepella ka baka la morena wa Assiria, leha e le ka baka la bongata bohle bo ho yena; hobane ya nang le rona o feta ya nang le yena.