BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 31:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Esekiase a botsa ditha tseo ho baprista le ho Balevi.

10. Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.

11. Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,

12. ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;

13. boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.

14. Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.

15. Katlase ho yena, metseng ya baprista ho ne ho na le Edene, le Minjamine, Joshua, Shemaia, Amaria, le Shekania, ba neilwe kabelo ya botshepehi ya ho abela banababo bona, ka ho ya ka dihlopha tsa bona, e moholo le e monyenyane,

16. e le hore ba abele ba ngodilweng mangolong a masika a bona e le ba batona, ho qala ka ba dilemo tse tharo le ba kapele, e leng bohle ba kenang tlung ya Jehova ka tsatsi le leng le le leng, ka mosebetsi wa tshebeletso ya dikabelo tsa bona, le ka dihlopha tsa bona;

17. le baprista, ba ngodilweng ka matlo a bontata bona moholo, le Balevi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, ka dikabelo tsa bona le ka dihlopha tsa bona;

18. le ka palo ya bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona, le bara ba bona le baradi ba bona, e leng phutheho yohle; hobane ke ka baka la botshepehi ba bona ba neng ba tshwara mosebetsi wa ho aba ntho tse kgethehileng.

19. Bakeng sa bana ba Aarone, baprista, ba neng ba ahile naheng le mathokong a metse ya bona, motseng o mong le o mong, ho ne ho na le banna ba thontsweng ka mabitso a bona, ba tle ba abe diabo ho ba batona bohle ba baprista le ho Balevi bohle ba neng ba ngodilwe mangolong a masika.

20. Esekiase a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a nna a etsa ho leng molemo le ho loka le nnete pela Jehova, Modimo wa hae.

21. Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.