BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 31:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.

2. Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.

3. Haele kabelo ya morena, a e ntsha leruong la hae ho etsa ditjheso, e le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le ditjheso tsa Disabatha le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete, jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Jehova.