BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 30:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.

7. Le se ke la etsisa bontata lona, leha e le banababo lona ba sitetsweng Jehova, Modimo wa bontata bona, a ba a ba neela tshenyehong, jwalokaha le bona.

8. Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.

9. Ha le fela le ka kgutlela ho Jehova, banababo lona le bara ba lona ba tla be ba bone mohau ho ba ba isitseng kgolehong, ba be ba kgutlele kwano; hobane Jehova, Modimo wa lona, o mohau, o lereko; a ke ke a hlola a le furallisetsa sefahleho sa hae, ha le ka kgutlela ho yena!

10. Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona.

11. Leha ho le jwalo, batho ba bang ba ha Asere le Manasse le Sabulone ba ikokobetsa, mme ba tla Jerusalema.

12. Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.

13. Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.

14. Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone.

15. Paseka ya hlajwa ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba ne ba hlabilwe ke dihlong, mme ba be ba ikgalaleditse, ba ba ba tlisa ditjheso ka tlung ya Jehova.

16. Ba ema diemeng tsa bona, ka mokgwa wa teng, kamoo ho laetseng molao wa Moshe kateng, monna wa Modimo; mme baprista ba ne ba tsholla madi ao ba neng ba a amohela matsohong a Balevi.

17. Erekaha batho ba ne ba le bangata phuthehong, ba neng ba sa ka ba ikgalaletsa, Balevi ba bewa hore ba hlabe dintho tsa Paseka tsa bohle ba neng ba sa hlweka, hore ba ba halalletse Jehova.

18. Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle

19. ba tlamileng dipelo tsa bona ho tla batla Modimo Jehova, Modimo wa bontata bona, leha ba sa ka ba hlwekiswa ka ho ya ka hlwekiso ya sehalalelo.

20. Jehova a utlwa Esekiase, mme a tshwarela setjhaba.