BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 30:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Erekaha batho ba ne ba le bangata phuthehong, ba neng ba sa ka ba ikgalaletsa, Balevi ba bewa hore ba hlabe dintho tsa Paseka tsa bohle ba neng ba sa hlweka, hore ba ba halalletse Jehova.

18. Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle

19. ba tlamileng dipelo tsa bona ho tla batla Modimo Jehova, Modimo wa bontata bona, leha ba sa ka ba hlwekiswa ka ho ya ka hlwekiso ya sehalalelo.

20. Jehova a utlwa Esekiase, mme a tshwarela setjhaba.

21. Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.

22. Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.