BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 30:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ba ema diemeng tsa bona, ka mokgwa wa teng, kamoo ho laetseng molao wa Moshe kateng, monna wa Modimo; mme baprista ba ne ba tsholla madi ao ba neng ba a amohela matsohong a Balevi.

17. Erekaha batho ba ne ba le bangata phuthehong, ba neng ba sa ka ba ikgalaletsa, Balevi ba bewa hore ba hlabe dintho tsa Paseka tsa bohle ba neng ba sa hlweka, hore ba ba halalletse Jehova.

18. Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle

19. ba tlamileng dipelo tsa bona ho tla batla Modimo Jehova, Modimo wa bontata bona, leha ba sa ka ba hlwekiswa ka ho ya ka hlwekiso ya sehalalelo.

20. Jehova a utlwa Esekiase, mme a tshwarela setjhaba.

21. Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.

22. Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.

23. Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.

24. Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.

25. Phutheho yohle ya Juda, le baprista, le Balevi, ba thaba hammoho le phutheho yohle ya Baiseraele ba tlileng le baditjhaba ba tlileng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba ahile Juda.

26. Thabo e kgolo ya eba teng Jerusalema; hobane haesale mehleng ya Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele, ho ne ho sa ka ha etswa ho hokalo Jerusalema.