BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 30:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Esekiase o romela ho Baiseraele bohle le ho Bajuda, a ngolla le Efraime le Manasse, hore ba tle ka tlung ya Jehova, Jerusalema, ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele;

2. hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.

3. Ba ne ba sitilwe ho e etsa ka nako ya teng, hobane baprista ba halaleditsweng ba ne ba eso ho lekane, le sona setjhaba se ne se eso ho phuthehele Jerusalema.

4. Taba eo ya loka mahlong a morena le mahlong a phutheho yohle;

5. mme ba rera tsena: ha thwe, tsebiso e ka kgona e fetisetswe naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beerseba ho isa Dane, ya hore setjhaba se tle Jerusalema ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane ka dilemo tse ngata tse itseng, e ne e sa ka ya etswa kamoo taba tsa yona di ngodilweng kateng.

6. Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.

7. Le se ke la etsisa bontata lona, leha e le banababo lona ba sitetsweng Jehova, Modimo wa bontata bona, a ba a ba neela tshenyehong, jwalokaha le bona.

8. Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.

9. Ha le fela le ka kgutlela ho Jehova, banababo lona le bara ba lona ba tla be ba bone mohau ho ba ba isitseng kgolehong, ba be ba kgutlele kwano; hobane Jehova, Modimo wa lona, o mohau, o lereko; a ke ke a hlola a le furallisetsa sefahleho sa hae, ha le ka kgutlela ho yena!

10. Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona.

11. Leha ho le jwalo, batho ba bang ba ha Asere le Manasse le Sabulone ba ikokobetsa, mme ba tla Jerusalema.

12. Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.