BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 29:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.

8. Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.

9. Mme bonang, ka baka leo, bontata rona ba nnile ba dihuwa ke lerumo, mme bara ba rona le baradi ba rona le basadi ba rona ba kgolehong.

10. Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.

11. Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.

12. Yaba Balevi ba tloha, e le Mahathe, mora Amasai, le Joele, mora Asaria, wa bara ba Bakehathe; ho bara ba Merari ya eba Kishe, mora Abdi, le Asaria, mora Jahalleleele; ho Bagershone ya eba Jowa, mora Simma, le Edene, mora Jowa;

13. ho bara ba Elitsafane ya eba Shimri le Jeiele; ho bara ba Asafe, Sakaria le Matthania;

14. ho bara ba Hemane, Jehiele le Shimei; ho bara ba Jeduthune, Shemaia le Ussiele.

15. Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.

16. Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.

17. Ba qala hlwekiso eo ka tsatsi la pele la kgwedi ya pele; ka letsatsi la boroba meno e le mmedi la kgwedi ba kena mathuleng a Jehova, mme ba halaletsa ntlo ya Jehova ka tshiu tse robileng meno e le mmedi; ba qetella ka letsatsi la leshome le metso e tsheletseng la kgwedi ya pele.

18. Ba ntoo ya ho morena Esekiase, ba re: Re hlwekisitse ntlo yohle ya Jehova, le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le tafole ya Mahobe a pontsha le mesebetsi yohle ya yona.

19. Hape, re boetse re lokisitse, mme re halaleditse mesebetsi yohle eo morena Akase a neng a e silafaditse, ha a sa busa, mohla a sitelwang Jehova; bona, e pela aletare ya Jehova.

20. Yaba morena Esekiase o tsohela e sa le hosasa, mme a phutha beng ba motse, mme a nyolohela tlung ya Jehova.