BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 29:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.

6. Hobane bontata rona ba sitilwe; ba entse ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa rona; ba mo furaletse; ba furallisitse difahleho tsa bona bodulo ba Jehova, mme ba bo neile mokokotlo.

7. Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.

8. Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.

9. Mme bonang, ka baka leo, bontata rona ba nnile ba dihuwa ke lerumo, mme bara ba rona le baradi ba rona le basadi ba rona ba kgolehong.

10. Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.

11. Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.

12. Yaba Balevi ba tloha, e le Mahathe, mora Amasai, le Joele, mora Asaria, wa bara ba Bakehathe; ho bara ba Merari ya eba Kishe, mora Abdi, le Asaria, mora Jahalleleele; ho Bagershone ya eba Jowa, mora Simma, le Edene, mora Jowa;

13. ho bara ba Elitsafane ya eba Shimri le Jeiele; ho bara ba Asafe, Sakaria le Matthania;

14. ho bara ba Hemane, Jehiele le Shimei; ho bara ba Jeduthune, Shemaia le Ussiele.

15. Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.