BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 29:24-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.

25. Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.

26. Balevi ba ema moo jwalo, ba tshwere diletsa tsa Davida, baprista bona ba tshwere diterompeta.

27. Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.

28. Yaba phutheho yohle e a inama, dibini tsa bina, diterompeta tsa letswa, ho fihlela setjheso ha se phetheha.

29. Eitse hobane setjheso se qetellwe ho hlahiswa, morena le bohle bao a nang le bona ba inama, mme ba kgumama.

30. Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.

31. Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.

32. Palo ya ditjheso tse tlisitsweng ke phutheho ya eba dikgomo tse mashome a supileng, le dipheleu tse lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi, kaofela ha tsona e le ditjheso tsa Jehova.

33. Dintho tse kgethetsweng Jehova ya eba dikgomo tse makgolo a tsheletseng le dinku tse dikete tse tharo.

34. Feela, ho ne ho se baprista ba lekaneng, ba sitwa ke hona ho buha dithjeso tsohle; yaba banababo bona, Balevi, ba ba tlatsa, ho fihlela mosebetsi o ba o phetheha, ho fihlela le bona baprista ba ba ba ikgalaletsa, etswe Balevi ba ne ba fetisa baprista ka ho rata ho ikgalaletsa.

35. Hape, ditjheso tse ngata tsa eba teng, le mafura a mahlabelo a teboho, le dino tsa setjheso se seng le se seng. Tshebeletso ya ntlo ya Jehova ya tsoswa jwalo.

36. Esekiase le setjhaba sohle ba thaba, ke hobane Modimo o ne o ratisitse setjhaba; etswe taba eo ya etsahala e sa ka ya rerwa.