BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 29:15-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.

16. Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.

17. Ba qala hlwekiso eo ka tsatsi la pele la kgwedi ya pele; ka letsatsi la boroba meno e le mmedi la kgwedi ba kena mathuleng a Jehova, mme ba halaletsa ntlo ya Jehova ka tshiu tse robileng meno e le mmedi; ba qetella ka letsatsi la leshome le metso e tsheletseng la kgwedi ya pele.

18. Ba ntoo ya ho morena Esekiase, ba re: Re hlwekisitse ntlo yohle ya Jehova, le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le tafole ya Mahobe a pontsha le mesebetsi yohle ya yona.

19. Hape, re boetse re lokisitse, mme re halaleditse mesebetsi yohle eo morena Akase a neng a e silafaditse, ha a sa busa, mohla a sitelwang Jehova; bona, e pela aletare ya Jehova.

20. Yaba morena Esekiase o tsohela e sa le hosasa, mme a phutha beng ba motse, mme a nyolohela tlung ya Jehova.

21. Ba tlisa dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e be sehlabelo sa sebe bakeng sa mmuso le sa sehalalelo le sa Juda; mme morena a bolella baprista, bara ba Aarone, hore ba di hlabele aletareng ya Jehova.

22. Yaba baprista ba hlaba dikgomo, ba amohela madi, ba tshollela madi aletareng; ba hlaba le dipheleu, ba tshollela madi a tsona aletareng; ba hlaba le dikonyana, mme ba tshollela madi a tsona aletareng.

23. Ba ntoo tlisa diphooko tsa sehlabelo sa sebe pontsheng ya morena le pontsheng ya morena le pontsheng ya phutheho; ba bea matsoho a bona hodima tsona.

24. Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.

25. Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.

26. Balevi ba ema moo jwalo, ba tshwere diletsa tsa Davida, baprista bona ba tshwere diterompeta.

27. Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.

28. Yaba phutheho yohle e a inama, dibini tsa bina, diterompeta tsa letswa, ho fihlela setjheso ha se phetheha.

29. Eitse hobane setjheso se qetellwe ho hlahiswa, morena le bohle bao a nang le bona ba inama, mme ba kgumama.

30. Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.

31. Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.

32. Palo ya ditjheso tse tlisitsweng ke phutheho ya eba dikgomo tse mashome a supileng, le dipheleu tse lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi, kaofela ha tsona e le ditjheso tsa Jehova.

33. Dintho tse kgethetsweng Jehova ya eba dikgomo tse makgolo a tsheletseng le dinku tse dikete tse tharo.

34. Feela, ho ne ho se baprista ba lekaneng, ba sitwa ke hona ho buha dithjeso tsohle; yaba banababo bona, Balevi, ba ba tlatsa, ho fihlela mosebetsi o ba o phetheha, ho fihlela le bona baprista ba ba ba ikgalaletsa, etswe Balevi ba ne ba fetisa baprista ka ho rata ho ikgalaletsa.

35. Hape, ditjheso tse ngata tsa eba teng, le mafura a mahlabelo a teboho, le dino tsa setjheso se seng le se seng. Tshebeletso ya ntlo ya Jehova ya tsoswa jwalo.