BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 29:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Esekiase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Abija, moradi wa Sakaria.

2. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Davida ntatae kateng.

3. Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya pele, a bula mamati a ntlo ya Jehova, mme a a lokisa.

4. A mema baprista le Balevi, a ba phuthela lepatlelong le ka nqa botjhabatsatsi;

5. a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.

6. Hobane bontata rona ba sitilwe; ba entse ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa rona; ba mo furaletse; ba furallisitse difahleho tsa bona bodulo ba Jehova, mme ba bo neile mokokotlo.

7. Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.

8. Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.

9. Mme bonang, ka baka leo, bontata rona ba nnile ba dihuwa ke lerumo, mme bara ba rona le baradi ba rona le basadi ba rona ba kgolehong.