BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 28:14-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yaba banna ba hlometseng ba siya batshwaruwa le kgapo pela dihlooho le pela phutheho kaofela.

15. Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.

16. Mohlang oo, morena Akase a romela ho marena a Assiria hore a mo tlatse.

17. Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.

18. Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.

19. Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.

20. Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.

21. Hobane leha Akase a ne a phahlile ntlo ya Jehova le matlo a morena le a mahosana, a neile morena wa Assiria ntho tse ngata, leha ho le jwalo, ha a ka a thusa letho ka hoo.

22. Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.

23. A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.

24. Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.

25. Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.

26. Haele ditaba tse ding tsa hae, le metsamao yohle ya hae, ya ho qala le ya ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le a Iseraele.

27. Yaba Akase o orohela ho bontatae, mme a patwa motseng wa Jerusalema; empa ha a ka a tliswa mabitleng a marena a Iseraele; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.