BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 28:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Jwale, le rerile hore le tla ithuela bana ba Juda le ba Jerusalema hore e be makgoba a lona a matona le a matshehadi! Ana ha le molato ho Jehova, Modimo wa lona, le lona na?

11. Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.

12. Banna ba bang ba dihlooho tsa bana ba Efraime, boAsaria, mora Johanane, le Berekia, mora Meshillemothe, le Esekiase, mora Shallume, le Amasa, mora Hadlai, ba phahamela ba kgutlang ntweng,

13. ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.

14. Yaba banna ba hlometseng ba siya batshwaruwa le kgapo pela dihlooho le pela phutheho kaofela.

15. Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.

16. Mohlang oo, morena Akase a romela ho marena a Assiria hore a mo tlatse.

17. Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.

18. Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.

19. Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.

20. Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.