BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 28:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, jwaloka Davida ntatae;

2. a mpa a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, a ba a etsetsa boBaale ditshwantsho tse tsholotsweng.

3. A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.

4. Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

5. Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;

6. hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.

7. Sikri, monna wa senatla wa Efraime, a bolaya Maaseia, mora morena, le Asrikame, modisa wa ntlo ya morena, le Elkana ya neng a balwa e le wa bobedi kamora morena.