BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 28:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, jwaloka Davida ntatae;

2. a mpa a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, a ba a etsetsa boBaale ditshwantsho tse tsholotsweng.

3. A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.

4. Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

5. Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;

6. hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.

7. Sikri, monna wa senatla wa Efraime, a bolaya Maaseia, mora morena, le Asrikame, modisa wa ntlo ya morena, le Elkana ya neng a balwa e le wa bobedi kamora morena.

8. Bana ba Iseraele ba nka batshwaruwa ba dikete tse makgolo a mabedi ho banababo bona, e le basadi, le bara le baradi; ba hapa le kgapo e kgolo ya bona, mme ba isa kgapo Samaria.

9. Empa moporofeta wa Jehova o ne a le teng, ya bitswang Odede; a tswela ho ya kgahlanyetsa sera se neng se kgutlela Samaria, mme a re: Bonang, Jehova, Modimo wa bontata lona, ka baka la ho halefela Bajuda, o tswa ba neela matsohong a lona; mme le ba bolaile ka bohale bo ileng ba ya fihla le mahodimong.

10. Jwale, le rerile hore le tla ithuela bana ba Juda le ba Jerusalema hore e be makgoba a lona a matona le a matshehadi! Ana ha le molato ho Jehova, Modimo wa lona, le lona na?

11. Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.

12. Banna ba bang ba dihlooho tsa bana ba Efraime, boAsaria, mora Johanane, le Berekia, mora Meshillemothe, le Esekiase, mora Shallume, le Amasa, mora Hadlai, ba phahamela ba kgutlang ntweng,