BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 26:5-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.

6. A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.

7. Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.

8. Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.

9. Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.

10. Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.

11. Osiase o ne a na le makgotla a futuhang, a yang ntweng ka dihlopha, ka palo ya wona e neng e entswe ke Jeiele mongodi le Maaseia mohlahlobi; a ne a laolwa ke Hanania, molaodi e mong wa morena.

12. Palo kaofela ya dihlooho tsa matlo a bontata Bajuda, banna ba bahale, e ne e le dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng.

13. Tsamaisong ya bona ho ne ho na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng tse nang le makgolo a mahlano, ba neng ba futuha ka matla le bohale ba tlatsa morena ho lwantsha dira.

14. Osiase o ne a lokiseditse makgotla dithebe, le marumo, le diheleme, le ditshireletso tsa difuba, le diqha le matjeketjane.

15. Hape, a etsa Jerusalema dibetsa tse qapilweng ke monna ya masene, tse bewang ditoreng le dikoung, ho betsa ka metsu le ka majwe a maholohadi. Botumo ba hae ba hasana hole, hobane a nna a tlatswa ka mokgwa o makatsang, ho fihlela a ba a ipha matla.

16. Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.

17. Moprista Asaria a kena kamora hae, a ena le baprista ba mashome a robileng meno e le mmedi ba Jehova, banna ba bahale;

18. ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.

19. Empa Osiase a halefa; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano. A re a sa halefetse baprista, lepera la hlaha phatleng ya hae pontsheng ya baprista, a le ka tlung ya Jehova, pela aletare ya dibano.

20. Asaria, moprista e moholo, le baprista bohle ha ba mo tadima, ba bona a ena le lepera phatleng; yaba ba mo ntsha kapele, le yena a phakisa ho tswa, kahobane Jehova a mo otlile.