BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 26:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Amatsia ntatae kateng.

5. A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.

6. A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.

7. Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.

8. Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.

9. Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.

10. Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.

11. Osiase o ne a na le makgotla a futuhang, a yang ntweng ka dihlopha, ka palo ya wona e neng e entswe ke Jeiele mongodi le Maaseia mohlahlobi; a ne a laolwa ke Hanania, molaodi e mong wa morena.

12. Palo kaofela ya dihlooho tsa matlo a bontata Bajuda, banna ba bahale, e ne e le dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng.