BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 26:19-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Empa Osiase a halefa; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano. A re a sa halefetse baprista, lepera la hlaha phatleng ya hae pontsheng ya baprista, a le ka tlung ya Jehova, pela aletare ya dibano.

20. Asaria, moprista e moholo, le baprista bohle ha ba mo tadima, ba bona a ena le lepera phatleng; yaba ba mo ntsha kapele, le yena a phakisa ho tswa, kahobane Jehova a mo otlile.

21. Morena Osiase ya eba molepera ho isa tsatsing la ho shwa ha hae; mme a nna a dula tlung e kathoko, e le molepera; hobane a ne a lelekilwe tlung ya Jehova. Mme Jothame, mora hae, o ne a laela tlung ya morena, a ntse a ahlola setjhaba sa naha ya Juda.

22. Haele ditaba tse ding tsa Osiase, tsa ho qala le tsa ho qetella, di ngodilwe ke Esaia, mora Amotse, moporofeta.

23. Osiase a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae serapeng sa mabitla a marena, hobane ho ne ho thwe: Ke molepera. Mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.