BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 25:6-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hape, a thola banna ba bahale ba ntwa ba dikete tse lekgolo ho Baiseraele, ka moputso wa ditalenta tse lekgolo tsa silefera.

7. Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho yena, a re: Oho, morena, sera sa Iseraele se se ke sa tsamaya le wena, hobane Jehova ha a yo ho Baiseraele, ke ho re, ha a yo ho bara ba Efraime kaofela ha bona.

8. Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.

9. Amatsia a re ho monna wa Modimo: Mme ho tla etswang ka ditalenta tseo tse lekgolo tseo ke di neileng sera sa Iseraele? Monna wa Modimo a re: Modimo o na le matla a ho o nea ho fetang hna haholo.

10. Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.

11. Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.

12. Bara ba Juda ba tshwara banna ba leshome le leng la dikete ba sa utlwa, ba ba hlwesa qhoweng ya selomo, ba ba dihela selomong, ba ba ba thuhakana kaofela.

13. Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.

14. Eitse hobane Amatsia a kgutle ho bolaya Baedomo, a tlisa medimo ya bara ba Seire, mme a ikemisetsa yona, a e etsa medimo ya hae, a kgumama pela yona, mme a e tjhesetsa dibano.

15. Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?

16. A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.

17. Amatsia, morena wa Juda, a etsa morero, mme a romela ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.

18. Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e ne e rometse ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.