BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 25:10-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.

11. Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.

12. Bara ba Juda ba tshwara banna ba leshome le leng la dikete ba sa utlwa, ba ba hlwesa qhoweng ya selomo, ba ba dihela selomong, ba ba ba thuhakana kaofela.

13. Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.

14. Eitse hobane Amatsia a kgutle ho bolaya Baedomo, a tlisa medimo ya bara ba Seire, mme a ikemisetsa yona, a e etsa medimo ya hae, a kgumama pela yona, mme a e tjhesetsa dibano.

15. Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?

16. A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.

17. Amatsia, morena wa Juda, a etsa morero, mme a romela ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.

18. Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e ne e rometse ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.

19. O itse: Bona, ke hlotse Baedomo! mme pelo ya hao e o kakasitse hore o ithorise. O mpe o dule ha hao jwale; o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

20. Amatsia a mpa a se ke a mamela, hobane e ne e le taba e tswang ho Modimo, hore o tle o ba neele matsohong a dira, kahobane ba ne ba batlile medimo ya Edomo.

21. Joase, morena wa Iseraele, a nyoloha, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.

22. Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, mme ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.

23. Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.

24. Hape, a nka kgauta yohle le silefera le dipitsa tsohle tseo a di fihletseng ka tlung ya Modimo ha Obed-Edomo, le matlotlo a ntlo ya morena, le batho ba entsweng ditebeletso, a ntoo kgutlela Samaria.

25. Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a shwe, Amatsia, mora Joase morena wa Juda, a boela a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.