BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 25:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Amatsia a qala ho busa a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Joaddane wa Jerusalema.

2. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova; empa e seng ka pelo e phethehileng.

3. Eitse hobane mmuso o tiye letsohong la hae, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng morena ntatae.

4. A mpa a se ke a bolaya bana ba bona, jwalokaha ho ngodilwe molaong, bukeng ya Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, mme bana le bona ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona, empa e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.

5. Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.

6. Hape, a thola banna ba bahale ba ntwa ba dikete tse lekgolo ho Baiseraele, ka moputso wa ditalenta tse lekgolo tsa silefera.

7. Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho yena, a re: Oho, morena, sera sa Iseraele se se ke sa tsamaya le wena, hobane Jehova ha a yo ho Baiseraele, ke ho re, ha a yo ho bara ba Efraime kaofela ha bona.

8. Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.

9. Amatsia a re ho monna wa Modimo: Mme ho tla etswang ka ditalenta tseo tse lekgolo tseo ke di neileng sera sa Iseraele? Monna wa Modimo a re: Modimo o na le matla a ho o nea ho fetang hna haholo.

10. Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.

11. Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.