BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 24:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?

7. Hobane monyefodi eo, Athalia, le bara ba hae, ba ne ba sohlokile ntlo ya Modimo; esita le mesebetsi e halalelang ya ntlo ya Jehova ba ne ba e nkile ho sebeletsa boBaale ka yona.

8. Yaba morena o laela hore ho etswe letlole, mme le bewe kantle, pela monyako wa ntlo ya Jehova.

9. Ha tumiswa naheng ya Juda le Jerusalema hore ho tliswe ho Jehova lekgetho leo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a le beetse Iseraele a sa le nahathothe.

10. Mahosana wohle le setjhaba sohle ba thaba; ba tlisa, mme ba nokela ditjhelete letloleng, ba ba ba qetella ho ntsha.

11. Enereha e le nako ya ho tlisa letlole ho bahlahlobi ba morena ka matsoho a Balevi, ha ba ne ba bona hoba ditjhelete di ngata, mongodi wa morena le tona ya moprista e moholo ba ne ba fihla, ba tsholla letlole, ba ntoo le kgutlisetsa tulong tsa lona; ba ne ba etsa jwalo ka tsatsi le leng le le leng, mme ka mokgwa oo ba bokella tjhelete tse ngata.

12. Morena le Jehojada ba ne ba di nea ba tshwereng mosebetsi wa ntlo ya Jehova; mme bona ba ne ba thola dibetli tsa majwe le tsa difate, ho lokisa ntlo ya Jehova, le malala a tshepe le a koporo, ho lokisa ntlo ya Jehova.

13. Ba tshwereng mosebetsi ba nna ba sebetsa, mme ka bona mosebetsi wa nna wa tswela pele; ba lokisa ntlo ya Modimo ka mokgwa wa teng, mme ba e tiisa.

14. Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.

15. Empa Jehojada a tsofala, a tlala matsatsi, a ba a shwa; o ne a le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo mohla a shwang.

16. A patwa tlung ya Davida hara marena; hobane a ne a etseditse Iseraele le Modimo le ntlo ya wona molemo.