BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 24:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Joase a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova ka ditshiu tsohle tsa moprista Jehojada.

3. Jehojada a mo nkela basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.

4. Kamora tseo, Joase a hlahelwa ke kgopolo ya ho lokisa ntlo ya Jehova.

5. Yaba o phutha baprista le Balevi, a re ho bona: Tswelang metseng ya Juda, mme le bokelle ditjhelete naheng yohle ya Iseraele, hore ka tsona ho lokiswe ntlo ya Modimo wa lona ka selemo se seng le se seng. Phakisang ho etsa taba eo. Empa Balevi ba se ke ba phakisa.

6. Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?

7. Hobane monyefodi eo, Athalia, le bara ba hae, ba ne ba sohlokile ntlo ya Modimo; esita le mesebetsi e halalelang ya ntlo ya Jehova ba ne ba e nkile ho sebeletsa boBaale ka yona.

8. Yaba morena o laela hore ho etswe letlole, mme le bewe kantle, pela monyako wa ntlo ya Jehova.

9. Ha tumiswa naheng ya Juda le Jerusalema hore ho tliswe ho Jehova lekgetho leo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a le beetse Iseraele a sa le nahathothe.

10. Mahosana wohle le setjhaba sohle ba thaba; ba tlisa, mme ba nokela ditjhelete letloleng, ba ba ba qetella ho ntsha.

11. Enereha e le nako ya ho tlisa letlole ho bahlahlobi ba morena ka matsoho a Balevi, ha ba ne ba bona hoba ditjhelete di ngata, mongodi wa morena le tona ya moprista e moholo ba ne ba fihla, ba tsholla letlole, ba ntoo le kgutlisetsa tulong tsa lona; ba ne ba etsa jwalo ka tsatsi le leng le le leng, mme ka mokgwa oo ba bokella tjhelete tse ngata.

12. Morena le Jehojada ba ne ba di nea ba tshwereng mosebetsi wa ntlo ya Jehova; mme bona ba ne ba thola dibetli tsa majwe le tsa difate, ho lokisa ntlo ya Jehova, le malala a tshepe le a koporo, ho lokisa ntlo ya Jehova.