BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 24:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. A patwa tlung ya Davida hara marena; hobane a ne a etseditse Iseraele le Modimo le ntlo ya wona molemo.

17. Eitse hobane Jehojada a shwe, mahosana a Juda a tla, a kgumama pela morena; mme morena a a mamela.

18. Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.

19. Jehova a romela ho bona, ho ba sokollela ho yena, baporofeta ba ba pakelang tsa Jehova, ba mpa ba se ke ba ba mamela.

20. Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.

21. Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.

22. Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!

23. Eitse hobane selemo se fele, sera sa Basiria sa futuhela Joase, sa ba sa fihla Juda le Jerusalema; ba timetsa hara setjhaba mahosana wohle a setjhaba, mme ba romela kgapo yohle ya bona ho morena wa Damaseka.

24. Leha sera sa Siria se ne se tlile e le sa batho ba seng bakae, leha ho le jwalo, Jehova a neela sera se seholo haholo matsohong a sona, kahobane Bajuda ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona; ha ho le jwalo, Basiria ba phetha dikahlolo hodima Joase.

25. Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.

26. Ba mo fetohetseng jwalo e ne e le Sabade, mora Shimeathe, mosadi wa Moammone, le Josabade, mora Shimrithe, mosadi wa Momoabe.

27. Haele ditaba tsa bara ba hae le tse ngata tse porofetilweng hodima hae, le tokiso ya ntlo ya Modimo, bonang, taba tseo di ngodilwe dihlalosong tsa buka ya marena. Mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.