BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 23:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Balevi le Bajuda kaofela ba etsa ka tsohle tse laetsweng ke moprista Jehojada; ba nka e mong le e mong banna ba hae ba tshwanetseng ho kena tshebeletsong ka Sabatha, hammoho le ba tswang ka Sabatha; hobane moprista Jehojada a ne a sa ka a kgutlisa dihlopha tse tswang.

9. Moprista Jehojada a nea balaodi ba makgolo marumo le mekoko le dithebe tsa morena Davida, tse leng ka tlung ya Modimo.

10. A emisa setjhaba, e mong le e mong a tshwere lerumo ka letsoho, ho qala nqeng ya le letona ho ntlo, ho isa nqeng ya le letshehadi ho ntlo, mabapa le aletare le ntlo, ba teetse morena hare.

11. Ba tlisa mora morena, ba mo rwesa moqhaka le bopaki, ba mmea morena, mme Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa, ba re: Ha ho phele morena!

12. Eitse ha Athalia a utlwa ditlatse tsa batho ba phalletseng ho tla rorisa morena, a tla hara setjhaba, ka tlung ya Jehova.

13. Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!

14. Yaba moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng diemeng, mme mang le mang ya mo latelang a bolawe ka lerumo; hobane moprista o ne a itse: Le se ke la mmolaela tlung ya Jehova.

15. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.

16. Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.

17. Setjhaba sohle sa kena ka tlung ya Baale, sa e heletsa; ba robaka le dialetare tsa yona le ditshwantsho tsa yona dikoto, mme ba bolaya Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare.

18. Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.