BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 23:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yaba moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng diemeng, mme mang le mang ya mo latelang a bolawe ka lerumo; hobane moprista o ne a itse: Le se ke la mmolaela tlung ya Jehova.

15. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.

16. Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.

17. Setjhaba sohle sa kena ka tlung ya Baale, sa e heletsa; ba robaka le dialetare tsa yona le ditshwantsho tsa yona dikoto, mme ba bolaya Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare.

18. Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.

19. A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.

20. Yaba o ya le balaodi ba makgolo, le baholo, le babusisi ba setjhaba, le setjhaba kaofela sa lefatshe; a theola morena tlung ya Jehova, ba kena tlung ya morena ka monyako o ka hodimo, mme ba dudisa morena teroneng ya mmuso.

21. Setjhaba sohle sa lefatshe sa thaba, mme motse wa dula ka kgotso. Ho ne ho bolailwe Athalia ka lerumo.